NALANE EA ETSAHALA NTLONG EA BAKHETHOA

   Ka la 8 Motšeanong 2020  ntlo ea Bakhethoa ba sechaba e ile ea balloa mangolo a mararo ke motsamaisi oa lipuisano, mohlomphehi Sephiri Motanyane. A mabeli a mangolo ana ke a tsoang lekhotleng la lipolotiki la Kobo-tata ea Basotho (ABC) eo e leng mokha o  moholo o thehileng puso ea selekane e tsebahalang ka hore ke ‘muso oa koloi kapa 4×4, ha lengolo la boraro e le le ngotsoeng ka kopanelo ke Kobotata ea Basotho le mokha oa Puso ea Sechaba (DC).

Mangolo ana ke a lemosang motsamaisi oa lipuisano ka (i) phethoho ea bolula-setulo le bongoli ba komiti ea Paramente ea litho tsa ABC, (ii) ho tsoa hoa ABC kahara selekane sa puso ea 4×4, le (iii) phatlalatso ea selekane se secha sa ABC le DC. Ke mangolong ana moo ho bileng le motekeno oa litho tse mashome a mararo a metso e mene ho tse mashome a mahlano a metso e ‘meli tsa ABC le litho tsohle tsa DC tse mashome a mabeli a metso e tšeletšeng  e le ho tiisa lintlha tsena tse tharo tse boletsoeng.

Leha ho le joalo, motsamaisi oa lipuisano o ile a supa likhaello kahara mangolo ana haholo-holo bosieo ba lengolo le hlakisang hore selekane sa 4×4 se hlakotsoe ke bohle ba kahara sona. Botataisi bona ba motsamaisi oa lipuisano bo bolela hore makhotla le mekha ena e lokela ho fana lengolo le phatlalatsang ho felloa ke nako hoa selekane sa 4×4.

NAA MUSO O NTSE O LE TENG?

Se etsahetsang kajeno leha se sesintse metheo le chebahalo ea puso, ha se bolele hore puso e oele. Ho fihlela ho ka thehoa puso e ncha ke ba nang le bongata ,puso ea 4×4 e ntse ele teng, leha ho hlakile hore litho tse ngata tsa mokha o moholo o bopileng puso ena o se o thabele selekane se joalo.

PALE E MATHULENG A HO ETSAHALA

Ke lekhetlo la pele e re ha bakhethoa ba sechaba ba kena mohatong oa ho fetola puso kahar’a paramente e be Tonakholo o tla sitoa ho eletsa Khosi ho qhala Paramente ho uoe likhethong ntle le ho rerisana le bakhethoa. Nakong e fetileng esale li tonakholo li na le matla a ho eletsa Rabasotho ho qhala paramente ha li se ba tobane le ho hloka tšehetso hoa litho tsa ntlo. Empa lekhetlong lena, pale e tla etsahala kaha ‘kotopo’eno e koetsoe ka sehlomathiso sa borobong se khinang matla a tonakholo a boeletsi ho Motlotlehi. Ho latela molao ona, Tonakholo o tla lokela ho fumana botšehetsi ba peli borarong ba litho tsa ntlo hore paramente e qhaloe ho uoe likhetlong e leng seo ho bonahalang e ka ha se tlo etsahala kaha palo e joalo e le eona e itokisetsang ho theha puso e ncha ho qoba ho ea likhethong.

Tebello ke hore bekeng e tlang taba ena e tla seka-sekoa ke ntlo hang hoba mekha e thehang selekane se secha e arabele likhaello tseo motsamaisi oa lipusisano a li hloahileng.

Leave a Reply