Komiti ea Paremente e alositseng t’sebeliso ea lichelete tsa sechaba e ile ea bitsa lefapha la lihlapiso tsa baithuti (NMDS) ho tla fana ka tlhaloso mabapi le t’sebeliso ea lichelete tseo lefapha le ne le e abetsoe ke paramente. Tulong ena e bileng bekeng ea la 9 Phupu 2018, mookameli oa lefapha lena mofumahali Florina Rakeketsi o supile hore ba bang ba bahlanka ba ile ba iketsetsa lethathamo la mabitso a baithuti ba sieo(lipoko), ‘me ba etsa litefo mabitsong ao ba nto ipha chelete. Mofumahali Rakeketsi o tsoetse pele ho supa hore bahlanka ba neng ba ameha manyofonyofong ana ba nketsoe likhato tse kenyelletsang ho khalengoa, ho behoa ka thoko ho mosebetsi le ho hlahella ka pela makhotla a linyeoe. Ho feta mona , lefapha lena le ile la seleballoa ho fana ka tlhaloso holima tlaleho ea Mohlahlobi e Moholo oa Lichelete tsa ‘muso ea selemo sa 2016 moo ho hlahelletseng hore NMDS e ile ea lefa M20, 889, 460.00 ho Sekolo sa Lerotholi Polytechnic. Hara chelete ena ke moo ho ileng hoa kenyeletsoa M2, 879,290 ea baithuti ba lekholo le mashome a robeli (186) le hoja baithuti ba joalo ba ne ba se ba phethetse lithuto. Makhenefa a bonahetse ho feta ha ho hlahella hore chelete e M4, 582, 625.00 e ile le mala le moholu ke lereng e ne e lefa lijo tsa baithuti Sekolong se Seholo sa Sechaba. Bohome bona ba bolulo bo tsoetse pele ho bonahala ha tlaleho e boetse e supa hore NMDS e ile ea lefa Sekolo se seholo sa Sechaba(NUL) chelete e kaalo ka M19, 287, 010.00 ha e ne e lokela ho lefa M10,684, 080.00. Ho boetse hoa hlahella hore NMDS e ile laela libanka tse peli ho lefa litsiane tsa M70, 680.00 le hoja selemo sa lithuto se ne se phethetsoe. Molula-setulo oa Komiti Mohlomphehi Selibe Mochoboroane u supile ngongoreho e kholo hore mookameli oa NMDS o ba lubisa thankha ka ha a qoba ho araba lipotso tse ling.Tlaleho ena ke sesupo sa hore litsi le lefapha lena la sechaba ka nako e telele le bile tlasa tsamaiso e hlokang ponaletso le boikarabello joalokaha ha ho lebelletsoe. Botsamaisi ba lefapha lena bo sitiloe ho ipapisa lipallo tsa tsebetso e hloekileng e nenang bobolu. Sena se boetse se supa hore ho lokeloa ho ntlafatsoe melao ea bolisa e tla netefetsa hore lichelete tsa sechaba li sebelisoa ho phetha mesebetsi feela eo e e reretsoeng. Sena se boetse se hlahisa qholotso e kholo ho Paremente-a naa ha e aba lichelete e tiisa ka hanong ele ho etsa bonnete ba hore ba e abeloang ba e sebelisa ka tsela e nepahetseng. Ka holimo ho tsohle letsoho la molao le lokela ho tiisa khalemo ho bao ba fumanoang ba tlotse melao. Lefapha lena le jere boikarabello bo boholo ba hoba lesupa-tsela kholisong, thutehong le bointlafatsong ba sechaba, ka hona ‘muso o lokela ho tsitsisa maemo ana a hlobaetsang ao setsi sena se tobaneng le oona.