PARAMENTE E ABELA MAKALA LICHELETE

Bekeng ena ea La 1 Phuputjane 2020, Ntlo ea Bakhethoa e qalile mosebetsi o matla oa ho abela mafapha le makala a ‘muso  licheletse tse lebelletsoeng ho thusa makala a joalo ho phetha maano a puso le phano ea litšelebetso sechabeng. Ntlo e etsa mosebetsi e le ha naha e ntse e betane le seoa sa sefuba se kotsi se tsebahalang ka hore ke Corona (Covid19), moo ha joale e leng Basotho ba bane  nang le tšoaetso ‘me ba babeli ba hlaphoetsoe.

Ntlo e boetse e kena mosebetsing ona, e le ha puso e ncha e etelletsoeng pele ke Dr Moeketsi Majoro e na le libeke tse peli e qaqile tšebetso. Mohlomphehi Tonakholo Dr Moeketsi Majoro o etella puso kamora hore puso ea kopanelo ea mekha e mene(e neng e tsebahala ka hore ke 4×4) e felloe ke botšehetsi le lipalo ‘me e hlahlangoe ke puso ea selekane sa ABC-Kobo-tata le mokha oa puso ea sechaba (DC) e tšehelitsoe ke mekha e meng e robeli. Sehlomathiso sa borobong sa Molao oa Motheo (Molao oa Kotopo) e bile sona se bapetseng karolo e kholo ho qobisa naha ho ea likhethong e bang ho ne ho ka ba le tšitšinyo ea ho hloka tšepo e ba e hlola Tonakholo e ba le teng ha a itokolle e ba o khetha ho eletsa Motlotlehi ho qhala paramente.  Ho lumeloa hore molao oo o thusitse haholo hore  Tona-kholo ea mehleng Mohlomphehi Thomas Thabane a itokolle hantle. Sehlomathiso sena se qobella Tonaholo ho fumana peli-borarong ba litho tsa paramente ho chaella monoanoa keletso ea hae ho Rabasotho ho qhala paramente har’a nako feela.

Ho feta moo, mekha ena e ‘meli e meholo ka lipalo e ile ea fa Motsamaisi oa lipuisano ka ntlong ea bakhethoa Mohlomphehi Sephiri Motanyane, lebitso la Mohomphehi Dr Moeketsi Majoro e e le mokhethoa ea tla etella selekane sa bona. Litlhopho li ile tsa etsoa hore Lekhotla la naha le lule le ho eletsa Rabasotho ho amohella boitokollo ba mohlomphehi Dr Thomas Thabane le ho ananela ho thongoa hoa mohlomphehi Dr Moeketsi Majoro e le tonakholo e ncha.

Hang hoba Mohlomphehi Dr Moeketsi Majoro a nke kano e le Tonakhalo e ncha, o ile a tsoelapele ho fa Rabasotho lenane la matona a macha a tla alosa makala a ‘muso. Hara lifahleho tse ncha kahara lekhotla la matona, ke bahlomphehi Professor Nqosa  Mahao, Kemiso Mosenene, Thabo Sophonea le ba bang. Ho sa le joalo, ho libaka tse robeli tseo DPE e sebetsangho tsona, ke tse ‘ne tseo bakhethoa ba tsona e leng karolo ea lekhotla la matona. Bona ke mohlomphehi Semano Sekatle oa Lebakeng, mohlomphehi Serialong Qoo oa Malingoaneng, mohlomphehi Ntlhoi Motsamai oa Hloahloeng le mohlomphehi Motlatsi oaTonakholo Ntate Mathibeli Mokhothu.

Hara makala a seng a abetsoe lichelete ke lekala la puso ea libaka leo bakhethoa ba ipelelitseng ho letona mohlomphehi Sam Rapapa ho kenya tšebetsong leano la theolelo ea matla sechabeng hang-hang. Lekala le leng le abetsoeng lichelete ke lekala la tsa bophelo ele ho le thusa ho akaofisa ntoa ea lona khahlanong le Covid19.

 

Leave a Reply