DPE le Paramente li hlahloba ts’ebetso ea makala – Matsieng le Mokhethoaneng

Mokhatlo oa Development for Peace Education o ile oa kopana le likomiti tsa Paramente tsa matlo a mabeli, ka litho tsa tsona. Sepheo sa kopano e ne e le ho  lumellana le litho tsa likomiti tsena ka tsela ea ho sebelisana ‘moho mosebetseing oo DPE e tlang ho o etsa oa ho netefatsa hore meralo ea makala ea selemo se fetileng sa lichelete e abetsoeng chelete e feela e phethahetse. Phutheho ena e ne e latela phutheho ea pele e neng e le ea balula-litulo tsa likomiti tse ts’oanang. Phuthehong eo ea pele, bahlomphehi ba ile ba supa ho se khanano pakeng tsa morero oa DPE le boikarabelo ba Paramente, empa ba kopa DPE ho tšoara kopano e kenyeletsang litho tsa likomiti tsena kaofela.

Mofumahali ‘Mabataung Secker eo e leng Mohokahanyi oa litaba tsa khotso oa DPE o boletse hore sepheo ke hore DPE e chakele libaka tseo ho tsona makala a mabeli, eleng Lekala la matla le bolepi le Lekala la metsi a sebelitseng teng, ho latela meralo ea ona ea selemo sa lichete sa 2017/2018. Mofumahali Secker o hlakisitse hore mokhatlo oa habo o khethile makala a mararo; Lekala la puso ea libaka le borena; Lekala la matla le bolepi; le Lekala la metsi hobane litsebeletso tsa makala ana ke tsona tse hlahella ka holimo ho litlhoko tse beoang ke sechaba ka pele ho matona ka mosebetsi o etsoang ke DPE selemo se seng le se seng oa Paramente ea metseng. Mofumahali Secker o hlalositse hore o tsebile ho fumana feela meralo ea lichelete ea Lekala la metsi le Lekala la matla le bolepi ha a sa fumana moralo oa Lekala la puso ea libaka le borena.

Ka hona, DPE le litho tsa likomiti tsa Paramente; ho kenyeletsa Komiti ea lihloliloeng; Komiti ea moruo, Komiti ea lits’ebeletso tsa sechaba le likomiti tse ling, e tla hlahloba ts’ebetso e entsoeng ke Lekala la matla le bolepi Mokhethoaneng ‘me letsatsi le hlahlamang leo e hlahlobe tšebetso ea Lekala la metsi metseng e fapakaneng ea Matsieng.

Litho tsa likomiti sa Paramente, ho kenyeletsa molula-setulo oa Komiti ea lihloliloeng mohlomphehi Mpalipali Molefe o boletse hore e le litho ha ba na khanyetso ts’ebetsong ena. A tlatsetsa polelong ea DPE ka ho hlalosa hore le bona e le litho tsa Paramente ba fuoa libuka tsa lichelete tse supang feela hore ho tla sebetsoa libakeng tse kae ka palo empa ho sa boleloe hore na ts’ebetso e tla etsoa kae. Mohlomphehi Samuel Rapapa, eo e leng molula-setulo oa Komiti ea moruo o supile hore ele litho tsa Paramente e nang le boikarabelo ba ho aba lichelete, ba fuoa nako e lekanang le khoeli feela ho hlahloba le ho buisana ka likopo tsa makala a fapakaneng a lichelete. Ha morena Hlabathe Nkuebe, morena oa sehlooho oa Quthing eo eleng setho sa ntlo ea mahosana o thoholelitse mokhatlo oa DPE ka khato ena ea bolisa ba ts’ebetso ea makala. DPE etla leba Mokhethoaneng le Matsieng ka la mashome a mararo le mashome a mararo a motso o mong khoeling ena ea Phato ho ea tsoela pele ka tšebetso ena.

 

Leave a Reply