DPE e tšoara lipuisano pakeng tsa bahlahisi le barekisi ba nama e khubelu, selakhapane sa Meraka le Lekala la likhoebo tse ‘nyane, likoporasi le li-‘maraka

Kamora ho utloa sello sa bahoebi ba rekang le ho rekisa nama e khubelu ba libaka tsa Mabote, Khubetsoana, Lithabaneng le Masianokeng, DPE ile ea mema bahoebi ba na; e leng ba lilakha, baitšukuli, lihoai tsa liphoofolo, barekisi ba liphoofolo, ‘moho le baemeli ba selakhapane sa Meraka le letona la Lekala la likhoebo tse ‘nyane, likoporasi le li-‘maraka ho tla buisana ka litaba tsena le ho fihlela tharollo. Hape lipuisanong tsena ho bile teng baemeli ba bararo ba Komiti ea Paramente e sebetsang litaba tsa moruo ebile e le litho tsa Paramente. Phutheho e ne e tšoeroe ka Labone la la robong Phato, Maseru. 

Ha a bolela litletlebo tsa bona, mafapha a fapakaneng thekong le thekiso ea nama e khubelu a hlalositse ka tsela e latelang:

Selakha Baitšukuli Barekisi ba liphoofolo Lihoai/Bahlahis
Litefiso tsa nama Meraka li holimo haholoMeraka ha e fihlise nama ho barekiMeraka e na le bareki ba khethehileng ba sebeletsoang pele le ho fuoa nama ea boleng bo holimoBareki ba ema nako e telele pele ba sebeletsoaMeraka e sebetsa e le wholesale ebile e rekisetsa bareki ka kotloloho joale e bolaea ‘maraka oa lilakhaMeraka e qothisetsana lehlokoa le lilakha ho tseka khoebo ea makala a ‘muso empa eona e tseba ho fana ka litefiso tse tlaase haholoKhoebo ea Meraka ha se khoebo ea Basotho empa e lumeletsoe ho ba ‘mampoli tlhahisong ea nama e khubeluBoleng ba name e rekisoang ke Meraka bo tlaase haholo. Mohlala, lefura la nama e rekisoang South Africa le lesoeu ha lefura la nama ea boleng bo tšoanang Meraka le le lesehlanyanaMeraka e nka nako e telele (matsatsi) ho fana ka nama eohle eo lilakha li e hlokangLilakha ha li fumane nama e kang, (steak, rump le oxtail) MerakaHa re hlaba Meraka, ka nako e ‘ngoe re bolelloa hore libete, pelo le likahare li senyehile empa re sa li bontšoeRe ntse re loana le Meraka ka makoko a sa khutlisetsoang ho ronaMeraka ha e na litsamaiso tsa tšebetso ho nolofatsa theko le thekiso     Lilakha ha li na namaMeraka e batla mangolo a tumello ea ho rekisaHa re fumane lenane la lihloho le litlhakoana leo re le batlang‘Muso o rekisetsa baitšukuli tumello ea ho reka lihloho le litlhakoana kantle ho naha ka M100.00 ha ‘ngoe feela bekeng.Meraka e hlahisa feela lihloho le litlhakoana tse lekholo tsa nku ka beke ha baitšukuli ba rekisa palo e lekanang ka letsatsi Meraka e reka liphoofolo ka tefo e tlaase hobane e sebelisa boima le boleng ba phoofoloBarekisi ba fumana tefo e kaholimo ha ba rekisa liphoofolo tsa bona South AfricaBarekisi ba liphoofolo ha ho moo ba rekisang teng literekengHa ho libaka tsa tlhabo ea liphoofolo literekeng Ho reka liphoofolo ka ho ea ka boima ba tsona ho beha barekisi ka mosingB0-mpoli ba Meraka bo jesetsa barekisi khoebeleng Qeto ea ‘muso ea ho koalla nama e khubelu e tsoang kantle ho naha e ne e ke ke ea khotsofatsa bohle.Lipuisano pakeng tsa lihoai, lekala la likhoebo tse ‘nyane le lekala la temo li ka ba le molemoLetona la likhoebo tse ‘nyane le khothaletsoa ho buisana le letona la temo ka ntlafatso ea tlhahiso le boleng ba namaBoleng ba nama e hlahisoang Lesotho bo tlaase (Grades B and C) hona ke bothata bakeng sa barekisi le MerakaRe khothaletsa ho thehoa hoa Komisi ea nama e kang ea BotswanaLekala le khothaletsoa ho fana ka tataiso e hlakileng maanong le melaong e amang tlhahiso le thekiso ea nama e khubeluRe sokola ho tšelisa mali le liramo bakeng sa ho ntlafatsa liphoofolo tsa ronaTlhokahalo ea sebaka sa phepo ea liphoofolo (feedlot) ke bothata

Tlhaloso ea letona le khabane la Lekala la likhoebo tse ‘nyane, likoporasi le li-‘maraka

  • Lekala le sebelisitse Legal Notice ea 1992 e laolang theko ea nama kantle ho naha
  • Lilakha ke tse ling tsa likhoebo tse sirelelitsoeng bakeng sa Basotho feela
  • Pele lekala le fana ka taelo, le buisane le lilakha le bahlabi
  • Bahlahisi le barekisi ba nama e khubelu ba hana ho shebana le tšebetso e le ‘ngoe feela, ba bangata ba batla ho etsa ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe.
  • Ha ho le joalo, lipuisano li bile teng empa ha re ea lumellana
  • Basotho ba hlahisa nama ea boleng ba B le C feela
  • Ka lebaka lena, bahlahisi ba lumeletsoe ho reka nama ea boleng ba A kantle ho naha
  • Lekala le tšoara fantisi ea liphoofolo libakeng tsohle ka hare ho naha e le ho bebofatsa theko le thekiso ea liphoofolo
  • Meraka e laetsoe ho koetlisa bahlahisi ba nama tlhahisong ea nama e sebelitsoeng (processed meats)
  • Mokhatlo oa bahlahisi le barekisi ba nama e khubelu ha o ea tlisa sello sa bona ho Lekala
  • Haesale taelo e kena tšebetsong, Meraka e ekelitse basebetsi ba mashome a supileng a metso e mehlano ha ho ekelitsoe lenane la likhomo tse rekoang ho fetisa makholo a mararo
  • Taelo ena e nolofalitse thekiso ea liphoofolo e neng e etsetsoa litseleng
  • Ke morero oa Lekala ho theha le ho haha litsi tsa ho hlaba literekeng tsohle
  • Lekala ha le qobelle barekisi ba liphoofolo ho rekisetsa Meraka feela
  • Lekala le lemoha tlhokahalo ea ‘maraka o moholo oa thekiso ea nama (meat wholesale)
  • Lekala le ntse le batla molao o thehileng selakhapane
  • Lekala le lemoha tlhokahalo ea melao le maano a tsamaisang khoebo ena

Tlhaloso ea Meraka

  • Pele Meraka e ne e reka liphoofolo ho bahlahisi e sa li behe sekaleng empa tahlehelo ea ba kholo
  • Meraka e tsoela pele ho reka liphoofolo tse ngata ka litheko tse tšoanang le tseo lilakha tsa South Africa li rekang ka tsona
  • Litheko tsa lihlahisoa tsa Meraka ha li ea fapana haholo le tsa South Africa haholo hobane litheko tsa nama li ea tsebahala ho thata ho rekisa ka theko e kaholimo haholo
  • Lilakha li lokela ho hlokomela hore litheko tsa nama li ea fetoha beke le beke
  • Meraka e na le lingaka tsa liphoofolo tse hlahlobang liphoofolo pele le kamora ho hlajoa
  • Ha litaba li nepahetse, ngaka ea liphoofolo e lokela ho fana ka tlaleho e ngotsoeng ea boemo ba phoofolo e hlabiloeng
  • Meraka e ntse e na le sebaka sa phepelo ea liphoofolo empa feela tšebetso e joalo e so be teng
  • Bothata bo boholo ba bareki ke hore ha ba etse kopo (order) ea nama pele ho nako, joale bahoebi ba etsang kopo e joalo ba sebeletsoa pele
  • Kantle ho kopo e joalo, Meraka e hlaba lenane le tlaase la liphoofolo ho qoba litšenyehelo
  • Ke tumellano ea Lekala le Meraka hore moo Meraka e sitoang ho fana ka tšebeletso e tlalehele Lekala e sa le ka nako hore Lekala le fe bareki tumello ea ho reka kantle ho naha
  • Tumellano pakeng tsa Meraka le Lekala e qalile ka 2014, ‘me bobeli ba hlahloba bokhoni ba Meraka ba ho fana ka litšebeletso ka nepo; Meraka e lokela ho rekisa feela liphoofolo tse hlabiloeng li ntse li le sekolokoto.

Maikutlo a litho tsa Komiti ea Paramente e sebetsang litaba tsa moruo

  • Ke barekisi ba palo e kae South Africa ba neng ba rekisetsa lilakha tsa Lesotho?
  • Phapang ke e kae pakeng tsa litheko tsa Meraka le tsa bahlahisi ba South Africa?
  • Pele ho taelo, bahlahisi ba ne ba rekisa liphoofolo tsa bona ho kae?
  • Ke molao oa naha hore bareki ba se bontšoe likarolo tsa liphoofolo tsa bona tse senyehileng, kapa ke tsamaiso ea Meraka?
  • Ke utloile litaba tsena li buuoa seea-le-moeeng empa ke batla ho utloisisa melao le maano a tsamaisang theko le thekiso ea nama e khubelu ka kakaretso.
  • Ke ‘nete hore linaha tseo moruo oa tsona o leng tlaase joaleka Lesotho li lokela ho sireletsa ‘maraka oa tsona, empa Paramente e lokela ho hlokomela ha makala a se a ipha matla ao eseng a oona.
  • Ka hona, re khothaletsa bohle ho atamela Komiti ea Paramente e sebetsang litaba tsa moruo ka litletlebo tsa bona
  • Re leboha bo-teng ba letona le khabane le tlhaloso e fanoeng, empa ho hlakile hore ha re ea fihlela tumellano le tharollo kajeno litabeng tse kang tsa theko e holimo ea nama Meraka.
  • Ho bonahala e ka le ha morero oa Lekala e le ho holisa le ho sireletsa likhoebo tsa Basotho, Meraka ka bo-eona ha se ka botlalo e leng ea Basotho.
  • Komiti ea Paramente e sebetsang litaba tsa moruo e tla hlahloba taba ena, haholo taba ea molao le maano a tsamaisang likhoebo tse ‘nyane.
  • Potso ke hore na re le Paramente re sebetsa joang ho sireletsa likhoebo tsa Basotho.

Likhothaletso tsa DPE

  • Ha ho ea hlaka hore na ho bile le boitokisetso bo lekaneng pele ho etsoa taelo ena
  • Na ho na le litsela tsa puisano pakeng tsa likhoebo le lekala ka taelo ee?
  • Kamorao ho puisano ee, tebello ke hore Meraka e etse eng, e laoloang ke melao kapa maano a fe?
  • Lekala le hloka boinahano bo tebileng haholo ka taba ea puisano pakeng tsa lona le ba fumanang litšebeletso ho lona.
  • Tebello ke hore lekala le se ke la fana ka taelo feela empa le be le litsela tsa ho buisana le ba amehang le ho amohela maikutlo a bona
  • Ho hlakile hore tšepiso ea lekala ea bokamoso bo molemo bo tla tlisoa ke taelo ha e bonoe ka tsela e tšoanang ke bohle. Ka hona lekala le lokela ho ha le mamello ho fihlela bohle ba bona ka tsela e tšoanang ‘me ba ka mamella bohloko ba nakoana
  • Maano a hlokolosi joaleka taelo ena a lokela ho tsamaea le mehato ea phethahatso le tšehetso ea phethahatso e joalo
  • Ho lokela ho ba le litsela tse otlolohileng tseo ba amehang ba ka tlisang lipelaelo tsa bona ho lekala ka tsona
  • Komiti ea Paramente e sebetsang litaba tsa moruo e lokela ho etella litaba tsena pele, ‘me rona re le DPE re tla tsoela-pele ho tšehetsa lipuisano tse joalo

Leave a Reply