Baeta-pele ba sechaba ba re motlatsi oa tona-kholo o lokela ka linako tsohle ho ba letona la puso ea libaka le borena ho netefatsa hore ‘muso o lokolla marapo a pusole phano ea litsébeletso. Ana ke a mang a maikutloa a batho ba kenyeletsang marena, matichere, baruti, bakhethoa ba puso ea libaka, bana ba likolo, litho tsa makhotla a tsamaiso a likolo le ba bang, ba neng ba le phuthehong ea litaba tsa tlhopho-bocha, St. Thomas High School, lekhotleng la puso ea libaka la ‘Mamaebana.
Ba bang bona ba supile hore litho tsa Paramente li lokela ho botsa le ho fumana tumello ea sechaba se khethileng pele li ka tsélela mokheng o mong, ka li e tokolleho be le likhetho-pheto. Baeta-pele ba ne ba ntsá maikutlo ka litaba tse fapakaneng tse tla hlahlojoa e le karolo ea tsébetso ea tlhopho-bocha.