Senekane Community Council – gateway workshop on National Reforms

“Molai a bolaoe”, ke kopo ea mocha, eo ebileng ele mokhethoa oa puso ea libaka, ha a ne a bua phuthehong ea DPE le baeta-pele ba Sechaba ea boitukisetso ba tlhopho-bocha. Maikutlo a na a bakoa ke tsábo hore lipolao li se li le ngata haholo Lesotho mona, ‘me ho bonahala ba etsang ketso eo ba se na tsábo ea letho. Kopo e tsóanang, ea hore kahlolo ea lefu e sebetse a utloahetse le phuthehong e tlileng pele ho ena ea Senekane.

Maikutlo a mang ebile a hore bo-ralipolotiki ba tsoe taolong le tsútsúmetsong ea khiro ea mafapha a fapakaneng a puso; haholo-holo khiro ea balaoli ba mafapha a sesole, sepolesa, mautloela le lichankana, Sechaba sa bua ka matla hore bangoli ba phahameng ba ‘muso ba hiroe ka mangolo le litsebo e seng ka lebaka la lipolotiki. Sechaba sa tiisa hape hore ha se rate ho bona bangoli ba baholo ba ‘muso mabaleng a lipolotiki.

Leave a Reply